Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

D’General dinetefatsa thekiso ya boemo ho ABC Motsepe

Sehlopha sa Botshabelo sa D’General FC, se netefaditse hase rekisetsa boemo ba sona ho Free State ABC Motsepe League ho sehlopha sa Sasolburg United.

Sehlopha sena se thehilweng ka kopanelo ke Kamohelo Mokotjo le Nyakallo Leine, e ke ke yaba karolo ya sehla setla qala haufinyana sa 2025/2026.

Pejana sehlopha se ile sa hlahella e le karolo ya dihlopha tse tla bapala dipapadi tsa mantshano tsa Nedbank Cup tsa lebatowa, le ha dipapadi tseo diile tsa tjhetjhiswa.

Netefaditso ke hore sehlopha e ke ke yaba karolo ya dipapadi tseo mme phoso ya ho hlaha ha D’General lenaneng le dihlopha tse tla bapala, e le lehlakoreng la baikarabellang ditlhophisong.

D’General, e bile karolo ya ABC Free State bakeng sa dihla tse tsheletseng kaofela mme ka sehla sa 2020/2021 ke bona ba ileng balo emela Free State dipapading tsa mantshano tsa ABC Motsepe National Playoffs.

Selemong se fitileng sa dipapadi, sehlopha sena e bile karolo ya Nedbank Cup, moo baileng ba fihla dihlopheng tse 16 tsa ho qetela pele ba hlolwa ke TS Galaxy ka ntlha tse tharo ho noto (3 – 0).

Le ha hosa tsejwe hore neng, tebello ke hore sehlopha se kanna sa kgutla se kgutlela ka lebaleng la papadi ya bolo.

BALA HAPE: Gallants e rothofatsa ditoro tsa Sundowns