
Sundowns e bula sekgeo sa dintlha dipakeng tsa bona le Pirates
Batshireletse ba sekola sa Betway Premiership Mamelodi Sundowns, ba ekeditse sekgeo sa dintlha mafelong a fitileng a beke.
Sundowns, e hlotse Polokwane City ka 3 – 0 papading ya bobedi e bapalletseng lebaleng la Loftus Versfeld.
Tlholo ya Sundowns, e butse se sene sa dintlha tse hlano dipakeng tsa bona le sehlopha se bobeding sa Orlando Pirates.
Sundowns le Pirates dimatha lebelo ho ikgapela mohope wa Betway mme Sundowns e setse ka dipapadi tse tharo ha Pirates e setse ka dipapadi tse nne.
Dintlha tsa Sundowns dikene ka Igraam Rayners ya lelekisang kgau ya Mohlabadintlha wa selemo, Tashreeq Matthews le Nuno Santos.
Sebapadi sa bohareng ba lebala Teboho Mokoena, e bile yena sebapadi sa letsatsi papading eo.
Sundowns e tla fumana phomolo e kgutshwane le ho itukisetsa papading e matla kgahlano le Kaizer Chiefs ka laboraro.
Ha jwale Sehlopha se dutse ka hodimo ka dintlha 64.
27 Matches
19 Wins
7 Draws
1 Defeat
64 Points
Dipapadi tsa sehlopha ditla ka sekgahla ho latela taba ya hore Masandawana batla bapala papadi ya makgaolakgang a CAF Champions League dibekeng tse tlang.
BALA HAPE: Kruger United e hlola Black Leopards ho nyolohela ho Betway Premiership
