
Cardoso: Hare shebe nalane empa dipapadi tsa moraorao
Mokwetlisi wa sehlopha sa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha ba ke ke ba sheba nalane ya sehlopha seo batla tobana le sona sa Al Hilal Omdurman.
Sundowns, e tla amohela Omdurman thapameng ya labohlano e le papadi ya CAF Champions League, leoto e le la pele ho sehlotshwaneng sa C.
Cardoso hlalositse ha nalane e sa bapale karolo papading e tla bapala bosiung ba kajeno, sa bona jwalo ka sehlopha ke ho hapa papadi.
“Ke lokela ho bua nnete hore hare shebe nalane. Nalane ke ntho tse fitileng mme re lokela ho sheba tshebetso ya ha jwale le ho etsa nalane e tla hopolwa,” ho realo Cardoso.
Dipapading tse tsheletseng tseo Sundowns e dibapetseng le Al Hilal, Sundowns e hapild tse nne mme tsa bapala maleka makgetlo a mabedi.
Cardoso, o hlalositse ha ba batlile ka ha sehlopha sena mme o dumela ha ele sehlopha se matla le ha moo ba bapalang teng ba sa kopane le dihlopha tse matla haholo ho latela papadi ya bolo moo.
“Ke sehlopha se tsebang haholo mme le mokwetlisi wa bona ke mokwetlisi ya maqeka a ho hlasela le ho hlaba palo e hodimo ya dintlha.”
Dihlopha ka bobedi dibapetse dipapadi tse tse pedi sehlotshwaneng sa C mme ka bobedi dihapile papadi le ho bapala makela papading e le nngwe.
Sundowns e tla amohela Al Hilal lebaleng la Loftus Versfeld kajeno [23 Pherekgong] mme papadi ena e tla thakgoha ka 20:00 bosiu.
