
Siwelele FC se tekena le ho fa Kgaugelo Sekgota monyetla
Sehlopha sa Siwelele FC, se phatlaladitse ho tekenwa ha sebapadi sa mehleng sa Swallows FC le Kaizer Chiefs Kgaugelo Sekgota.
Sekgota o leba ho Siwelele ka mora ho qeta dikgwedi tse robedi sehlopheng sa Upington City e bapalang Motsepe Foundation Championship.
Pejana pele a tla leba ho Upington, Sekgota o hlokile sehlopha ka mora ho arohana le Magesi mme o ne a se a bapala lepoqong hore a dule a kwenne.
Sebapadi sena se lebileng ho Stellenbosch ka mora ho arohana le Chiefs, se ile sa utlwahala sena le mathata a tshebediso ya jwala ka mora ho ameha ha bohloko ke ka moo bophelo ba hae bo fetohileng ka potlako ka teng.
Ho leba ha Sekgota sehlopheng sa Siwelele, hotla shejwa ka mahlo a makgubedu ho bona hore o tsosolosa papadi ya hae jwalo ka ha a fumane monyetla o mong wa ho ipabola ka makgabane.
Siwelele, se qeta ho arohana le mohlabadintlha wa bona Siviwe Magidigidi ya lebileng naheng ya Belgium mme tshepo ke hore Sekgota o tla leka ho thusa sehlopha le ha a bapala karolong e fapaneng.
BALA HAPE: Dinaha dilohotha ho ikgula dipapading tsa mohope wa lefatshe
