
Dihlopha tsa Afrika Boroa dihlanaka ntwa ya kontinente
Mafelong ana a beke dihlopha tse tharo tsa Afrika Boroa ditla kena kgabong ya dipapadi tsa kontinente ka ho fapana.
Sehlopha sa Mamelodi Sundowns seo e leng sona fela se bapalang ho CAF Champions League, setla kena kgabong dihora tse mmalwa ho tloha ha jwale kgahlano le sehlopha sa Al Hilal Omdurman.
Al Hilal, e etetse Sundowns mme papadi eo e tla bapalla lebaleng la Loftus Versfeld ka 20:00 bosiu ba labobedi.
Ka lehlakoreng le leng, sehlopha sa Kaizer Chiefs se bapallang ho CAF Confederation Cup, se tswile ka hare ho naha ho leba naheng ya Zambia.
Chiefs e tla nkana le ZESCO United ka sontaha thapama. Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Levy Mwanawasa, Ndola ka sontaha ka 15:00.
Papadi ya ho qetela e tlaba ya sehlopha sa Stellenbosch seo le sona se tswileng ka hara naha ho leba naheng ya Algeria ho tobana le CR Belouizdad.
Stellies setla kena tekong e matla ya ho leka ho hlolela Belouizdad lapeng ka pela batshehetse ba bona.
Papadi ena etla bapalla lebaleng la Nelson Mandela ka sontaha bosiu mme e tla thakgoha ka 21:00 ka nako ya Afrika Boroa.
Dihlopheng tsena ka boraro, ke Chiefs fela e so hape papadi ka mora dipapadi tse pedi mme tebello ke hore le yona e tla latswa tlholo le ho kgutlisa tshepo ya ho fetela pele batshehetsing ba bona.
BALA HAPE: Cardoso: Hare shebe nalane empa dipapadi tsa moraorao
