Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o ngongorehiswa ke dibapadi tsa naha tse sa bapaleng dihlopheng tsa tsona

Mokwetlisi ya lahlelang fela wa Bafana Bafana Hugo Broos, o ame taba ya se seng sa dibapadi tsa hae tsa mantlha tse ntseng disa fumane monyetla wa ho bapala sehlopheng sa hae sa Orlando Pirates.

Puisanong le Robert Marawa ho 947’s MSW, Broos o hlalositse ha bokamoso ba Evidence Makgopa sehlopng sa naha bole lerotho ho latela taba ya hore o ntse a sa fumane monyetla wa ho bapala sehlopheng sa hae.

Makgopa ke e nngwe ya tshepedi ya ntshepe ho Broos empa qeto ya mokwetlisi Abdeslam Ouaddou ya ho sebedisa Yanela Mbuthuma e tla sotha Broos letsoho le ho moqobella ho kgetha sebapadi se seng se ntse se bapala sehlopheng sa hae.

Dibapadi didula dibapala empa ke makale ka nako e nngwe ha disa fumane monyetla wa ho bapala hape,” ho realo Broos a buisana le Marawa.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Pirates o lla seboko ka diqeto tsa papadi

“Nako e nngwe o ka bona sebapadi se dutse bankeng, ka nako e nngwe o dutse hodimo letsweleng [stands] mme o ipotse hore ke hobaneng. Nka etsa mohlala ka Evidence Makgopa ya seng a sa bapala sehlopheng. Lebaka keng, le nna ha ke tsebe mme seo se etsa mosebetsi waka o be thata.”

Broos ya hlalositseng ha a sa rata ho fetola sehlopha kgafetsa ka lebaka la momahano e bang teng dibapading, o bontshitse ha qeto tsa bakwetlisi ba bang diqobella hore le yena a fetole diqeto tsa hae.

“O [Makgopa] o lokela ho bala le ho dula a le maemong a matle [consistancy] haholo jwalo ka ha nako ya mohope wa lefatshe o le haufinyana. Ha o nka sebapadi se nang le nako kapa dikgwedi se sa bapale, e ba bothata.”

BALA HAPE: Dithejane o kgotsofatsa mokwetlisi ka papadi ya hae