
Mokwetlisi wa Pirates o lla seboko ka diqeto tsa papadi
Mokwetlisi wa sehlopha se dutseng ka hodimo tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership sa Orlando Pirates, o ngotse molaetsa ho bontsha ngongoreho ya hae ka tse ding tsa diqeto kgahlano le sehlopha sa hae.
Abdeslam Ouaddou, o hopotse le ho ngola ka diketsahalo tsa dipapadi tseo sehlopha sa hae se sa fumanang seo a dumela e le toka mme sehlopha se hlotswe ke ho hapa dipapadi tseo.
“Sehleng sena kgahlano le Marumo Gallants, re hanetswe thaho tse pedi tsa mekoko tse neng ditotobetse. Papading kgahlano le Richards Bay re hanetswe ntla e neng e totobetse,” ho realo Ouaddou.
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Sundowns o seboko ka lebala la Seshego
“Le papading kgahlano le Kaizer Chiefs re hantswe ntlha e totobetseng, ke qala hoba le dipotso ka tse ding tsa diqeto. Hantle hantle e qala hoba bothata bo boholo.
Maikutlo a Ouaddou a tla ka nako eo ntwa ya ho hapa sehla e ntse e thatafala lehlakoreng la Pirates ka mora ho bapala maleka dipapading tse mmalwa tseo baneng ba hloka ho fumana dintlha tse tharo.
Le ha sehlopha se dutse ka hodimo tafoleng ya dihlopha, Pirates e pele ka ntlha (1 point) ho Sundowns mme Sundowns e morao ka papadi.
E bang Sundowns e ka hapa papadi ya bona kgahlano le Polokwane City, e tla dula ka hodimo le ho bua sekgeo sa dintlha tse pedi dipakeng tsa bona le Pirates.
BALA HAPE: Dithejane o kgotsofatsa mokwetlisi ka papadi ya hae
