
Cardoso le dibapadi tsa Pirates ba ikwalla ka dikgau tsa kgwedi
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hapile kgau ya mokwetlisi wa kgwedi ya Mmesa ka mora ho hapa dipapadi tse tharo le ho bapala maleka dipapading tse pedi kgweding eo.
Cardoso, ke yena fela mokwetlisi ya seng a hapile dikgau tsa mokwetlisi wa kgwedi selemong sena ka mora ho hapa dikgau tse pedi pele ho ya Mmesa.
5 matches
3 wins
2 draws
Sundowns, haeso lahlehelwe selemong sena mme ba haufi haholo le ho tshireletsa mohope wa bona Betway e bang baka hapa dipapadi tse tharo tse setseng.
BALA HAPE: Cardoso ka papadi kgahlano le Chiefs: Ke papadi e kgolo Afrika Boroa
Ka lehlakoreng le leng, sebapadi sa Orlando Pirates Oswin Appollis o hapile kgau ya sebapadi sa kgwedi ya Mmesa.
Appollis, o bapetse dipapadi tse nne, a hlabela sehlopha dintlha tse nne le ho thusetsa ntlhe e le nngwe.
4 matches
4 goals
1 Assist
Appollis o matha mehlaleleng ya Relebohile Mofokeng ya hapileng kgau ena makgetlo a mabadi ka tatellano dikgweding tse fitileng.
Ka bobedi Sundowns le Pirates, dilebelong la ho hapa sehla le ha Sundowns e matha pele ka dintlha tse 5 le ha Pirates e le morao ka papadi.
Pirates e tla nkana le Stellenbosch ka labobedi [05 Motsheanong] ha Sundowns e tla nkana le Kaizer Chiefs ka laboraro [06 Motsheanong].
Â
BALA HAPE: Hlooho ya dipapadi ho Leipzig e bapisa Sundowns le Bayern Munich
