Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso ka papadi kgahlano le Chiefs: Ke papadi e kgolo Afrika Boroa

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha sehlopha sa hae setla leka ka tsohle ho hlola papadi kgahlano le Kaizer Chiefs.

Sundowns e tla amola Chiefs ka laboraro papadi e nang le seabo se seholo tshobotsitsing ya hore ke mang a tla hapa sehla dipakeng tsa Sundowns le Orlando Pirates.

Ha a bua ka papadi eo, Cardoso o hlalositse ha e tlaba papadi e kgolo le hoba matla kgahlano le sehlopha se fumaneng nako ya ho kgefutsa papisong le bona.

“Ke papadi eo re lokelang ho e bapala ka hlompho ho bohle hobane ke papadi e kgolo kwano Afrika Boroa,” ho realo Cardoso.

“Re lokela hoya ho yona ka tsohle le ho leka ho e hapa le ho fumana dintlha tse hlokahalang.”

BALA HAPE: Chiefs e tla hlwaya setho sa mehleng hoba CEO

Cardoso ha qhelela ka thoko ntlha ya hore Chiefs e fumane nako e lelele ya ho phomola papisong le bona mme seo se ka ama papadi ka tsela e fapaneng.

“Ba fumane nako e lelele ya ho phomola, seo se bolela hore batla tla ka matla a mangata empa le rona retla sebedisa matla. E tloba papadi e matla eo retla kena ho yona.”

Sundowns haeso lahlehelwa ke papadi selemong sena mme ha baso lahlehelwa ke papadi lebaleng la Loftus sehleng sena.

Papadi ena e tla bapala ka laboraro [06 Motsheanong] lebaleng la Loftus Versfeld ka 19:30. Ditekete tsa papadi eo direkisitswe kaofela le ha e le papading ya hara beke bosiu.

BALA HAPE: Hlooho ya dipapadi ho Leipzig e bapisa Sundowns le Bayern Munich