
Zwane o hlalosa seabo sa dibapadi tsa South America sehlopheng
Mokaubere sehlopheng sa Mamelodi Sundowns Themba Zwane, o buile ka seabo sa dibapadi tsa South America sehlopheng.
Zwane ya neng a bua ho Podcast ya Pitchside with Tabu Peter, o hlalositse ha dibapadi tsa South America dibapala karolo e kgolo ka neo ya bona e ikgethileng le ho tlisa tsebo e matla ya papadi ya bolo.
Ke dibapadi tsa boemo bo hodimo, ho tloha ho Leonardo Castro, Ricardo Nasimento, Lucas Ribeiro le Brayan Leon a teng ha jwale sehlopheng,” ho realo Zwane.
BALA HAPE: Keet o hlalosa lebaka la ho beha meja fatshe papading
Batho ba dula ba botsa hore ke kgona jwang ho buisana le dibapadi tsena empa ke puo ya papadi ya bolo. Re utlwisisana ka puo ya papadi ya bolo mme ke boikarabelo ba ronoa dibapadi tse kgolo ho etsa hore ba amohelehe le ho phuthuloha sehlopheng.
Sundowns ke sona sehlopha se tummeng ka dibapadi tsa South America kwano Afrika Boroa moo sehla se seng le se seng ba dulang bana le sebapadi sa Latin America se etsang menyakwe sehlopheng.
Ha jwale sehlopha sena le Marcelo Allende wa Chile, Arthur Sales wa Brazil le Brayan Leon wa Colombia. Ka boraro ba tsona dibapadi tsena ke tsa bohlokwa sehlopheng mme e dula e le karolo ya sehlopha se bapalang kgafetsa.
BALA HAPE: Cardoso le dibapadi tsa Pirates ba ikwalla ka dikgau tsa kgwedi
