Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o akgola sehlopha ka mora tlholo ya bohlokwa Tunisia

Ka mora tlholo ya bona e kgolo kgahlano le sehlopha sa hae sa mehleng, Miguel Cardoso o hlalositse ha ba bile le papadi ya dikarolo tse pedi le ha ba hlotswe ke ho bapala ka moo baneng ba rerile ka teng.

Sundowns, e hloletse Esperance de Tunis lapeng Tunisia e leng lekgetlo la pele seo se etsahala le hore sehlopha se hlabe ntlha ka hara Tunisia kgahlano le Tunis.

“Re bile le karolo ya pele e ntle ho feta karolo ya bobedi empa ra hlolwa ke ho bapala hoya ka moo reneng re hlophisitse ka teng. Rene resa kgone ho bapala papadi eo reneng re batla ho e bapala,” ho realo Cardoso.

Cardoso o hlalositse ha ntlha ya bona e bafile menyetla ya ho bapala le ho leka ho laola papadi le ha e saba ntho e bobebe kgahlono le sehlopha se lwanang ka tsohle sa Esperance.

‘Ntlha ya rona e re thusitse ho lwana ho fihla pheletsong le ha bane ba hlasela ka matla rona re lokela ho tshireletsa ka kelohloko [tactically].

ka mora ho lahlehelwa ke Grant Kekana ho bile boima ho feta jwalo ka ha rene re lokela ho tsitlalela meralong.”

Sundowns e tla amohela Esperance leotong la bobedi moqebelo o tlang mme tebello ke hore papadi eo e tla tuka malakabe ho feta leoto la pele jwalo ka ha Esperance e tla batla ho busetsa molamu sefateng ha Sundowns e tla leka ho tshireleletsa ka tsohle.

Papadi ena e tla bapala kala 18 Mmesa lebaleng la Loftus Versfield motsemoholo Pretoria. Papadi ena e tla bapala ka 15:00 ka nako ya Afrika Boroa.

BALA HAPE: Sundowns e paputlela Esperance lapeng le ho dula botleng