
Eric Tinkler o kopa ho lokollwa naheng ya Ghana
Mokwetlisi wa mehleng wa Cape Town City le Sekhukhune United Eric Tinkler, o kopile ho lokollwa ke sehlopha sa Asante Kotoko ya Ghana.
Tinkler, o lebile Ghana ka kgwedi ya Phupu ka mora ho arohana ke Sekhukhune, le ha hole jwalo, selekane sena se bonahala se fihla pheletsong jwalo ka ha ho utlwahale mokwetlisi a kopile ho lokollwa.
Ho ya ka tlaleho ya Unplayable, Tinkler o kopile ho lokollwa ka tlasa mabaka a sa hlaloswang [personal reasons].
Ditlaleho tse ding dikuma ha Tinkler a ka leba sehlopheng se qetang ho arohana le mokwetlisi sa Durban City le ha hose netefaletso ya tsena tsohle.
City e nyaotse mokwetlisi Khalil Ben Youssef dikgwedi fela a le tshebetsong mme sehlopha se tsomana le mohlahlami wa hae.
Tinkler le Ernst Middendorp, ke ona mabitso ao ho bonahalang e le dithatohatsi bakeng sa mosebetsi oo.
Tebello ke ho bona hore Tinkler o tla laba kae le hore Durban City e tla hlwaya mang.
BALA: Mbokazi o kgutlela papading ha Mabasa le Titus ba nka karolo dintlheng
