Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns e paputlela Esperance lapeng le ho dula botleng

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se ipehile ka botleng ka ho paputlela Esperance de Tunis lapeng.

Sundowns, e hlotse Esperance ka ntlha ho noto (1 – 0) papading e neng e tuka malakabe lebaleng la Olympique Hammadi Agrebi bosiung ba sontaha.

Ntlha ya Sundowns, e kene karolong ya bobedi ya papadi ka Leon Muniz e le bolo e koropeditsweng ke Jayden Adam le ho romelwa ke Thapelo Morena hlohong ya Leon.

Karolong ya bobedi ke moo dihlopha bobedi dihlaselaneng hoya le ho kgutla empa tsa hloka lehlohonolo la dintlha le ha Sundowns e fumane ntlha karolong eo.

Esperance, e hlabile ntlha ya ho lekenya mme VAR ya namolela Sundowns ka hore ho bile le phoso pele ntlha eo e hlajwa.

Metsotsong e 6 pele papadi e fela, sebapadi sa Sundowns Grant Kekana o ile a bontshwa karete e kgubedi mme dikere tsa haella bakuti.

Sundowns, e ba sehlopha sa pele ho hlolela Esperance papading ya lapeng mme Sundowns e ba sehlopha sa pele sa Afrika ho hlaba ntlha le ho hlolela Esperance lapeng.

Dihlopha ditla nkana papadi ya leoto la bobedi mafelo a beke moo Esperance e tla etela Afrika Boroa ka moqebelo.

BALA HAPE: Chiefs e kenya manala boemong ba boraro le ho fokotsa sekgeo sa Pirates