Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Tinkler: Re lwanela hoba dihlopheng tse tharo tse ka hodimo

Mokwetlisi wa Sekhukhune United Eric Tinkler, o ntshitse maikutlo a hae ka mora ho patlotswa ke Mamelodi Sundowns ka 3 – 1 ka sontaha thapama. 

Tinkler, o hlalositse ha maikemisetso a bona e le ho qeta ba dutse boemong ba boraro e seng ba pele jwalo ka ha batho ba nahana.

“Nna ha sehla se qala ke hlalositse ha maikemisetso a rona e le ho qeta rele dihlopheng tse tharo tse ka hodimo. Lona ke lona ba buang ka ho hapa sehla,” ho realo Tinkler.

“Ke bua ka dihlopha tse tharo tse ka hodimo, moralo wa rona haoso fetohe,”

Ka mora ho lahlehelwa kgahlano le Sundowns, Tinkler o hlalositse ha moralo wa bona o so fetohe.

“Moralo wa ka haoso fetohe. Dihlopha tse tharo tse ka hodimo. Ha hona letho le hlalosang ha re ke ke ra hapa dipapadi tse pedi tse latelang le ho kwala sekgeo.”

“Papadi e nngwe le e nngwe eo re yang ho yona, re etsa boihlophiso mme dipapadi diya fapana ke ka hoo tse ding re fumanang dintlha ho tse ding re sa fumaneng letho.”

Sekhukhune se dutseng boemong ba boraro, se qadile sehla ka noto e hodimo le ho hapa dipapadi empa moraong tjena sehlopha se tshwara se tlohela.

BALA HAPE: Jordaan: Tshehetso ya Standard Bank ke bopaki ba tshehetso e hlokahalang