Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Desiree Ellis o totobatsa moralo wa sehlopha ho WAFCON

Mokwetlisi wa Banyana Banyana Desiree Ellis o hlalositse ha moralo le maikemisetso a sehlopha a totobetse le ho hlaka sa maemo a lehodimo.

Ellis o hlalositse ha jwalo ka sehlopha ba batla ho phunyeletsa bakeng sa dipapadi tsa mohope wa lefatshe wa basadi.

Dihlopha tse nne tse tla qeta dile ka hodimo tlhodisanong, ke tsona tsetla emela kontinente ya Afrika mohopeng wa lefatshe.

Maikemisetso a rona ke ho phunyeletsa bakeng sa mohope wa lefatshe mme retla bona hore re fella kae,” ho realo Ellis.

Banyana Banyana ke karolo ya dihlopha tse tla bapala mohope wa WAFCON mme papadi ya bona e qalang e ka mantaha wa la 27 Phupu kgahlano le Tanzania.

Dipapadi tsa Banyana tsa WAFCON ho sehlotshwana sa B [Group B]:

Tanzania on Monday 27 July
Ivory Coast 31 July
Burkina Faso 04 August

Sehlopha se lebile Morocco moo dipapadi ditla tshwarelwa teng ka mantaha ho itlwaetsa makgulo pele ho papadi ya bona ya pele.

BALA: Puso Dithejane o hlaba ntlha ya pele kgahlano le Inter Miami