
Cardoso o lla ka palo ya dikarete tseo sehlopha se di-fumanang
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o bontshitse ngongoreho ya hae ka palo e hodimo ya dikarete tseo sehlopha sa hae se difumanang.
Cardoso, o buile sena ka mora papadi ya bona kgahlano le AmaZulu moo ba hapileng papadi ka dintlha tse 5 – 2 papading ya bona ya lapeng.
Cardoso o bontshitse ha sehlopha ha sehlopha sa hae se fumane palo e hodimo ya dikarete sehleng se fitileng papisong le dihlopha tse ding.
“Ha keya thabela tsela eo dibapadi tsa ka difumanang dikarete tse tshehla ka yona. Ho bohlokwa ho utlwisisa hore re papading ya botshelela empa re fumane dikarete tse 15 tse tshehla,” ho realo Cardoso.
“Sehleng se fitileng re fumane dikarete tse 53 tse tshehla, Orlando Pirates e fumane tse 28. Re fumane tse nne tse kgubedu, Pirates haya fumana karete e kgubedu,” ho realo Cardoso.
Mohlodi enwa wa CAF Champions League, o e ntse boipiletso ho baletsaphala ho laola dipapadi ntle le ho bontsha tshekamelo dihlopheng.
Cardoso o bontshitse ha palo e hodimo ya dikarete e fitisa dibapadi ka monyetla wa ho bapala dipapadi tsa bohlokwa.
Sundowns ke se seng sa dihlopha tse bapallang dipapadi tse ngata ka ho fitisisa lefatsheng.
BALA:
