Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Masilela o lepa bokamoso ba Sirino ho Chiefs

Sebapadi sa mehleng sa Kaizer Chiefs Tsepo Masilela, o na le maikutlo a hore Gaston Sirino o tlaba le mathata sehlopheng.

Masilela o dumela ha sehlopha se itshetleha haholo dibapadi tse nyane tsa sehlopha mme sena se ka rothofatsha bokamoso ba Sirino.

Tumellano ya letswallwa lena la Uruguay le Chiefs, e lebeletswe ho fihla pheletsong ha sehla se fela mme Masilela o bona mathata.

“Tabeng ya Sirino, ke mathata ha o le tumellanong ya tjhelete e ngata empa seabo sa hao sele tlase mme o dula o le bankeng,” ho realo Masilela.

“Empa hape ha o sheba sebopeho sa Chiefs, o na le Mfundo Vilakazi ya bonahang a tshepisa.”

Masilela o dumela ha makejakejane a Chiefs a ntse a iphumana le ho itshupa bohale sehlopheng.

“O [Vilakazi] fumana nako ya ho bapala hana jwale. Re nale Mduduzi Shabalala eo ke dumelang sehlopha se ahellwa le yena.”

“Ba batla Mdu sehlopheng sa naha hobane le ha bafetola sehlopha, ba tshoha ba bofetola. Wa phomotswa bakeng sa papadi kapa tse pedi empa boholo ba nako o dula a le teng.”

Ho ya ka Masilela tsohle tse etsahalang dibeha Sirino ka mosing mme o dumela ha a tla lokela ho kgaolelwa moputso e bang a batla ho dula ho Chiefs ha tumellano ya sethathong e fihlile pheletsong.

BALA HAPE: Motaung Jr o etsa kaletsa pele ho papadi ya sontaha