
Cardoso o etsa thapedi ka baletsaphala pele ho makgaolakgang a MTN8
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o e ntse thapedi ka baletsaphala batla tsamaisa papadi e mahlonoko ya makgaolakgang a MTN8.
Cardoso, o bontshitse ha sehlopha se qala ho bapala makgaolakgang a mohope ona le Orlando Pirates ka nako ya hae mme e tlaba teko e matla.
ka nako ya seboka sa boraditaba se tlang matsatsi pele ho papadi moo dihlopha dinonywang maikutlo.
“Re qala ho bapala makgaolakgang a mohope le Orlando Pirates jwalo ka bakwetlisi. Le ha sehlopha se bapetse makgaolakgang a mangata a fitileng,” ho realo Cardoso.
“Hare tshepe hore sehlopha se matla setla hapa. Re boele re tshepe hore Sundowns e tlaba yona e matla.”
“Hare tshepe hore le baletsaphala le bona e tlaba ba hlwahlwa, seo seka nthabisa le ho nkgotsofatsa.
Sundowns e qetetse ho hapa mohope ona ka 2021 mme dilemo tse nne tse fitileng, Pirates ke yona e ntseng e hapa mohope ona.
Papadi ena e tla bapala ka moqebelo lebaleng Moses Mabhida mme e tla thakgoha ka 18:00.
BALA:
