
Khalil Ben Youssef o babatsa dibapadi
Motlatsa mokwetlisi wa sehlopha sa Kaizer Chiefs Khalil Ben Youssef, o theoleditse sehlopha ka mora ho hapa papadi ya bona ya boraro ka tatellano sehleng sena.
Chiefs, e hlotse Richards Bay ka ntlha ho noto (1 – 0) papading e bapalletseng lebaleng la FNB e bile ele papadi ya bona ya bobedi lapeng sehleng sena.
Ben Youssef o hlalositse ha a tsibile hore papadi e tlaba matla empa ba lwanne senna.
“Ntlheng ya papadi, re tsibile ho tloba jwang, ra buisana ka yona le ho nahana mawa ha re bapala le sehlopha se dulang morao,” ho realo Ben Youssef.
Ben Youssef o hlalositse lebaka le susumeditseng diphetoho tseo ba dietseng ka kgefutso moo ba ntshitseng Sibongiseni Mthethwa le Siphesihle Ndlovu ka ho kenya Nkosingiphile Ncgobo le Gaston Sirino.
“Karolong ya pele ha ra bapala hantle ke ka ho reile ra fetola mawa le ho kenya dibapadi tse masene a ho hlasela (Sirino le Ncgobo) mme ka mora moo reile ra bona diphetoho.”
Chiefs ke se seng sa dihlopha tse pedi fela se so hlabuwe ntlha sehleng sena ka mora papadi tse tharo.
Kamora papadi, dibapadi tse satswa ho tekenwa Asanele Velebayi, Godspower Ighodaro le Luke Baartman, ba ile ba hlahella ka pela batshehetse lekgetlo la pele.
Chiefs e tla kgefutsa mafelo a beke le ho itukisetsa papadi e matla beke e tlang ka laboraro kgahlano le Mamelodi Sundowns. Papadi eo e tla bapalla lebaleng la FNB ka hora 19:30.
BALA HAPE: motlatsa-mokwetlisi-youssef-o-hlalosa-mokgwa-wa-tshebetso
