
Dibapadi tsa Chiefs ditshehetsa sebapadi mmoho le tsona
Sebapadi sa leboteng la morao sehlopheng sa Kaizer Chiefs Bradley Cross, o hlalositse ha batsehetsa sebapadi mmoho le bona ka nako ena ya ditshehollo hotswa ho ba bang ba balatedi ba sehlopha.
Mduduzi Shabalala o tlasa ditshehollo tse matla tsa balatedi ka mora hore sehlopha se hlolwe ke ho fetela pele dipapading tsa Nedbank Cup eo sehlopha e neng e le batshireletsi ba yona.
Chiefs e hlotswe ke Stellenbosch ka 2 – 1 ka laboraro e leng papadi eo Shabalala a hlotsweng ke ho hlaba ntlha le ha menyetla e bile leshongwana bakeng sa sebapadi sena.
Cross ya neng a le letsolong la sehlopha la ho fana ka dijo malapeng a anngwe ke dipula, o hlalositse ha batshehetsa sebapadi mmoho le bona jwalo ka ha e le sebapadi se matla kelellong.
“Kaofela rena le yena mme re ya motshehetsa,” ho realo Cross.
“Jwalo ka ha ke hlalositse, ke ntho e ka hlahelang sebapadi se seng le se seng.”
“Pheletsong ya letsatsi re kaofela haufi le yena ho motshehetsa jwalo ka ha e le sebapadi se matla kelellong.”
Chiefs e tla kena papading e matla ka sontaha ya kontinente mme ha baka hapa, ba tlab monyetleng o moholo wa ho fetela mokgahlelong o lateng wa mantshano.
Sehlopha setla amohela Al Masry ya Egypt e le leoto la bobedi la CAF Confederations Cup ka sontaha mme papading e tla thakgoha ka 15:00 motsheare.
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Sundowns o re ho lekane ka lerata la batshehetsi
