
Blatter o eletsa batshehetsi ho se lebe mohopeng wa lefatshe
Mopresidente wa mehleng wa FIFA Sepp Blatter o ntshitse maikutlo ka mohope wa lefatshe o tla bapala haufinyana selemong sena.
Blatter o bontshitse a ema le maikutlo a hore batshehetsi ba se lebe mohopeng wa lefatshe o tla bapalla naheng ya America, Mexico le Canada ka kopanelo.
Maikutlo a Blatter a kena lenaneng la batho ba bonang ha mohope ona wa lefatshe o tlaba ditaba ho latela tsela eo mopresidente wa America Donald Trump a etsang dintho ka teng le ho tshwara batho ba dinaha tse ding.
“Bakeng sa batshehetsi, keletso e nngwe fela, bapallang hole le USA. Ke nahana Mark Pieth o nepile ho botsisisa ka mohope ona wa lefatshe,” ho realo Blatter.
Mark Pieth eo e leng leqwetha naheng ya Switzerland, o botshitse ha tsela eo batho ba tshwarwang ka yona America, e ke ke ya fapana le eo batho batla tshwarwa ka yona ka nako ya mohope wa lefatshe.
Tseo re dibonang dietsahalla badudi ba moo, ke tse tla etsehalla baeti ba mohope wa lefatshe,” ho realo Pieth.
“Keletso ke hore batshehetsi ba dule malapeng le go bapalla hole le US. Ho fihleng ha bona, ha basa itshware hantle, molao o tla ba romela lapeng e bang bale lehlohonolo.”
Tebello ke ho bona hore dinaha le batshehetsi batla sebetsa jwang jwalo ka ha Trump a tswelapele ho etsa dintho tse makatsang lefatshe pele ho mohope wa lefatshe o setseng ka dikgwedi tse hlano.
BALA HAPE: Dinaha dilohotha ho ikgula dipapading tsa mohope wa lefatshe
