
Bafana Bafana batla bapala papadi ya setswalle le naha e hodimo
Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana setla bapala dipapadi tsa setswalle le naha ya Panama pele ho mohope wa lefatshe.
Dipapadi tse ke boiteko ba SAFA ba ho lokisa le ho leka sehlopha ka sehlopha se matla pele ho mohope wa lefatshe o tla bapalla America, Mexico le Canada ka kopanelo.
Panama ke sehlopha seka hodimonyana ho Afrika Boroa boemong ba FIFA (33 ranked) mme tumellano ke hore e batla e bapala ka tsela e tshwanang le ya sehlopha sa Mexico.
Dinaha tse pedi tsena dikile tsa thulana dilemong tse fitileng e le dipapadi tse setswalle tsa CONCAF ka selemo sa 2005.
Panama e tla etela Afrika Boroa bakeng sa dipapadi tse pedi tse tla bapala ka dipakeng tsa 27 le 31 Hlakubele.
Tebello ke ho bona e bang e bang Afrika Boroa e tla bapala dipapadi tse ding le dihlopha tse matla pele ho mohope wa lefatshe ho leka sehlopha.
Bafana Bafana, ke bona batla thakgola dipapadi tsa mohope wa lefatshe le naha ya Mexico eo e leng bona baamohedi ba baeti ka kopanelo.
