Ditaba tsa moraoraoKrikete

Di’Proteas le Blackcaps dingola nalane papading ya krikete

Dihlopha tse pedi tsa naha papading ya krikete diqadile leeto la bona la New Zealand ka tsela tse pedi tse fapaneng.

Di’Proteas tsa banna le basadi, di naheng ya New Zealand moo dibapalang dipapadi tsa T20 tse hlano sehlopha ka seng.

Bobedi dihlopha tsena ditla bapala dipapadi tsa bona ka letsatsi le le leng e leng se qalang ho etsahala nalaneng ya papadi ya krikete.

Papading ya pele ke moo Afrika Boroa ya banna e hlotseng papadi ka di’wickete tse 7.

New Zealand e otlole pele mme ya kgona ho bokeletsa mematho e 91 dibapadi ditswile kaofela.

Karabelong ya bona, Afrika Boroa e kgonne ho etsa lelekisa le ho etsa mematho e 93 ho tswile dibapadi tse 3 (93/3) ho fana ka tlholo ya 7 wickets.

Ka lehlakoreng le leng, Di’Proteas tsa basadi, dihlotswe ka mematho e 80 ke New Zealand ya basadi papading e tlileng pele.

New Zealand e kgonne ho bokeletsa mematho e 190 ho tswile dibapadi tse 7 (190/7).

Makenong a bobedi Afrika Boroa e kgonne fela ho etsa mematho e 110 ho tswile dibapadi tse 7 (110/7).

Lehlakoreng la banna Afrika Boroa e nkile ketapele ha ka lehlakoreng la basadi New Zealand e le yona e nkileng ketapele.

Dihlopha ditla kena papading ya bobedi ka la 17 Hlakubele mme jwalo ka dipapadi tse ding, ditla bapalla lebaleng le le leng la Seddon Park, Hamilton.

Papadi ya pele ya basadi e tla thakgoha ka 03:45 mesong ha papadi ya bobedi ya banna e tla bapala ka 08:15. Kaofela dinako tsena ke tsa Afrika Boroa tsa hoseng.

BALA HAPE: Mokaptene wa New Zealand ha bohlothe ke Di’Proteas