Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Arrows e tswelapele ka ho etsa diphetoho sehlopheng

Sehlopha sa Golden Arrows se arohane le mokwetlisi wa sona Manqoba Mngqithi jwalo ka ha ditlaleho dilepile.

Hoya ka IDiski Times, Arrows e katile Mngqithi ka lengolo le motsibisang ha sehlopha se ke ke sa tswelapele le yena.

Mngqithi eo lebitso la hae le leng melomong ya batshehetsi ba dihlopha tse hlokang bakwetlisi, o thusitse sehlopha ho qeta se dutse dihlopheng tse 8 tse ka hodimo lekgetlo la pele ho tloha ka 2020/21.

BALA: Ben Youssef o hlalosa tsela ya tshebetso ya hae le Kaze ho Chiefs

Arrows e qetile e dutse boemong ba botshelela [position 6] ka dintlha tse 41 le ha ba bile le qalo e nyolosetsang.

Tebello ke ho bona hore sehlopha setla bitsa mang bakeng sa mosebetsi jwalo ka ha lebitso la Adnan Beganovic le tlola kgafetsa ho hlahlama Mngqithi.

Ka lehlakoreng le leng mahlo a tla sheba hore Mngqithi o leba kae jwalo ka ha lebitso la hae le bitswa hara mabitso ho kwetlisa sehlopha sa Kaizer Chiefs.

BALA: Messi o dula qhoweng ya bahlabadintlha ba nako tsohle mohopeng wa lefatshe