
Batshehetsi ba Kaizer Chiefs ba ngala dipapadi
Batshehetsi ba sehlopha senang le bolatedi bo boholo ka ho fitisisa ka hara Afrika Boroa, bo bontshitse ngongoreho le makukuno a bona ka ho ngala papadi ya sehlopha sa bona mafelo a beke a fitileng.
Batshehetsi ba Chiefs, ba hlotswe ke ho iponahatsa ka bongata papading ya sehlopha ya mafelo a beke ya sontaha kgahlano le sehlopha sa Durban City eo sehlopha se e hapileng ka 1 – 0.
Qeto ena, ho dumellwa ha e susumeditswe ke ho sekgotsofalle ha batshehetsi ka tshebetso ya sehlopha le karabelo ya sehlopha mohwantong o bileng teng wa batshehetsi nako e fitileng.
Pele ho papadi ya sontaha, motsamaisi wa mabala Afrika Boroa Bertie Grobler o ile ha netefatsa ha diteketse tse rekisitsweng e le tse 4900 mme ka nako eo batshehetsi be neng ba se ba kene lebaleng e ne e le ba 2976.
Palo ena ke e tlase haholo bakeng sa sehlopha sa Chiefs haholo papadi e le ya mafelo a beke le ha e ne e le sontaha thapama.
Le leng la mabaka a botshehetsi bo tlase, e bile karabelo ya sehlopha mohwantong le ditletlebo tsa batshehetsi.
Karabelong ya ditletleng tsa batshehetsi sehlopha se phehella ho ananelang mabatowa (branches) hona le ho ananela batshehetsi kaofela mme sena se bonaha se bakile le karohano ho ba bang ba batshehetsi ka hara mabatowa le batshehetsi na thsehetsang ntle le hoba ditho tsa mabatowa.
Tebello ke ho bona e bang batshehetsi batla iponahatsa ka bongata papapding kgahlano le Magesi FC mafelng a tlang a beke.
Magesi e tla etela Chiefs lebaleng la FNB ka moqebelo thapama mme papadi ena etla thakgoha ka 18:00.
