Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ditekete tsa dipapadi tsa Pirates difela jwalo ka matokomane

Sehlopha se tswileng tjaro ya mabonwa le ho bontsha maikemisetso a ho hapa sehla sa Orlando Pirate, se tswelaple ho tlatsa mabala ka botshehetsi ba sehlopha.

Pirates, ke sona sehlopha se bonahetseng se tsheheditswe ka ho fetisisa sehleng sena hase bapalla lapeng le ha se bapalla hole le hae moo batshehetsi batlang ka bongata.

Pejana kajeno [31 Hlakubele] ho netefaditswe ha ditekete tsa leoto la bobedi la papadi ya Soweto Derby direkisitswe kaofela. Ditekete tsena difedile pele ho dihora tse 24 dile thekisong.

Fela jwalo ka leoto la pele, ditekete tsa papadi ena ha diya tuma mmarakeng moo batshehetse ba tlotseng matjato a masena le ho phahamela mapoto lesa sele.

BALA HAPE: Sekhukhune se imatlafatsa ka mekaubere papading ya bolo

Papadi ena e tla bapala kala 26 Mmesa ka mora ho tloswa letsatsing la 25 jwalo ka ha hone ho rerilwe ka lebaka la mokete pela lebala ka letsatsi leo.

Selemong sena fela, Pirates e tlatsitse mabala ho feta makgetlo a mahlano ho kenyeletsa dipapadi tseo ba dibapallang hole le hae. mabala a Amstel Arena, King Zwelithini le FNB ke a mang a mabala oa botshehetsi ba Pirates bo iponahaditseng ka bongata.

Lebala le leng letla tlala ha Pirates e eta ke la uMhlathuzi ha sehlopha se etela Richards Bay ka la 10 Mmesa. Lebala lena le le nka batho ba 10500 mme etlaba le leng le ngolang nalane ya Pirates ya ho tlatsa mabala.

BALA HAPE: Chiefs e phatlalatsa sehlopha sa basadi, mokwetlisi le mabala