Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chiefs e phatlalatsa sehlopha sa basadi, mokwetlisi le mabala

Sehlopha sa Kaizer Chiefs se phatlaladitse hoba teng ha sehlopha se setjha sa basadi lebitsong la sehlopha.

Phatlalatso ena ke ya semmuso ka mora hore ho bonahale matsatsi a fetileng ha hona le sehlopha da barwetsana Naturena ho dipapadi tse mmalwa tse bapetsweng.

Phatlalatsong ya bona, sehlopha se tsibisitse ha setla qala ka dibapadi tse 24 moo ho tswakilweng dibapadi tse dibapadi tse nang le boiphihlelo le dibapadi tseo e leng hona ditla iketsetsa mabitso papading ya bolo.

Sehlopha se boetsa sa tsibisa ha setla sebedisa ha setla sebedisa Kaizer Chiefs Village le Kwa-Thema e le mabala a bona a selehae.

Sebapadi sa mehleng sa JVW Unathi “Nutty” Mabena, otla kwetlisa sehlopha mme o tla thuswa ke Justice Khunou eo e tlabang motlatsi wa hae.

Qeto ya Chiefs ya hoba le sehlopha, e ipapisitse le dipehelo tsa CAF tsa hore dihlopha tse bapalang dipapadi tsa kontinente dilokela hoba le dihlopha tsa basadi e le ho

Mohato ona o bonwa e le o moholo haholo papading ya bolo ka hara Afrika Boroa jwalo ka ha Chiefs e le sehlopha se nang le batshehetsi bo boholo ka hara naha.

Tumello ke hore sena setla thusa kgolo papadi ya bolo ya basadi ho hola le ho bitsetsa dihlopha tse ding ho etsa jwalo ka ha CAF e kopile bakeng sa dihlopha tse qothisanang lehlokwa mehopeng ya bona.

BALA HAPE: Mayo ha kgathatseha ka bokamoso ba hae ho Chiefs