
Pirates e nnetefatsa menyenyetsi ya kotsi ya koloi
Sehlopha sa Orlando Pirates se nnetefaditse ha menyenyetsi oe e sale e ipetsa ya ho ameha kotsi ha ditho tsa sehlopha e le nnete.
Pirates, e ntshitse molaetsa o hlalosang ha mokwetlisi wa sehlopha Abdeslam Ouaddou le ditho tse hlano tsa sehlopha ba amehile kotsing ya koloi.
Tsena tsohle di etsahetse ha sehlopha se ne se kgutla papading ya sontaha kgahlano le Chippa United.
Sehlopha se hlalositse ha kotsi e etsahetse mmileng wa R21 moo koloi ya moetso wa Nissan e keneng dikolong tse ding le ho baka kotsi e ntshitseng ditho tsa sehlopha dikotsi.
Ha jwale bohle ba amehileng ba bookelong mme ba fumana thuso yohle eo ba e hlokang.
Sehlopha se hlalositse ha bohle ba amehileng le maloko ba tla fumana thuso yohle e hlokahala mme ba kopile ho fuwa monyetla wa beha ho fola ha ditho tsa bona ka pelepele.
Pirates e kopile ho fuwa nako le hlompho ya ho shebana le bohle ba amehileng mme ba hlalositse ha setjhaba setla tsibiswa ka tsa moraorao ha nako e ntse e tsamaya.
BALA HAPE: abdeslam-ouaddou-o-etsa-kopo-batshehetsing
