Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Durban City e tla arohana le mokwetlisi e mong hape

Sehlopha sa Durban City setla arohana le mokwetlisi wa bona Sinethemba Badela dibeke ka mora ho kena tshebetsong.

Badela, o kene sehlopheng sa City ka mora hore sehlopha se hlolwe ke ho fihlella tumellano le Gavin Hunt eo e leng e le mokwetlisi wa sehlopha ka nako eo.

Karohano ya Bdela le City e tla ka mora hore sehlopha se hlole Chippa United ka thaho ya mekoko ka moqebo (3 – 2) papading ya tse 32 tsa ho qetela.

Ka kakaretso Badela o kwetlisitse City dipapadi tse tharo moo a hapileng tse pedi le ho lahlehelwa papading e le nngwe.

Mokwetlisi e nwa wa Chippa wa mehleng o arohana le sehlopha sa bobedi ka palohare ya dipapadi tse ka tlase ho tse 5 ka mora ho arohana le Chippa ka mora dipapadi tse pedi.

Tebello ke ho utlwa phatlalatsong e tla etswa ke sehlopha hore ke mang ya tla tshwara marapo a tsamaiso jwalo ka ha City e na le bakwetlisi Pitso Dladla (assistant coach) le Ernst Middendorp (Technical Director) sehlopheng.