
Chiefs e leba Spain ntle le Cele eo bokamoso ba hae bo leng qoleng ya kobo
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se leba naheng ya Spain moo sehlopha selo qala boitukisetso ba sehla se tlang ntle le se seng sa dibapadi tsa bona.
Chiefs e lebile Spain ntle le Thabo Cele eo bokamoso ba hae bosa tsitsang sehlopheng ka mora dihla tse pedi.
Cele o fihlile Naturena a tswa Russian ka mora hore sehlopha se mathe dilemo ho fumana sebapadi sena sa bohareng ba lebala.
Sebapadi sena e bile karolo ya sehlopha se hapetseng Chiefs mohope wa Nedbank ka mora dilemo tse leshome empa sehla ka mora moo Cele a qala ho sukudiswang ke dikotsi.
Ho utlwahale ha dikamano dipakeng tsa sehlopha le sebapadi dise monate moo ho utlwahalang e ka sebapadi setla tsamaya sehlopheng.
Tebello ke ho bona e bang Chiefs e tla nka qeto ya mofuta o fe ka bokamoso ba sebapadi sena seo ho bonahalang e se karolo ya meralo ya sehlopha.
BALA: France e phetha Morocco ho fetela mokgahlelong o latelang
