Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Chiefs o lla ka tshwaro e fapaneng ya dihlopha

Setho sa bokwetlisi (co-coach) sehlopheng sa Kaizer Chiefs Khalil Ben Youssef, o llile ka tshwaro e fapaneng ya dihlopha tse bapalang dipapadi tsa kontinente ho PSL.  

Khalil, o bontshitse ha dihlopha tse ding dikgona ho fuwa nako le matsatsi ha dibapala dipapadi tsa kontinente empa tse ding disa fumane tshwaro e jwalo.

“Re se re bapatse dipapadi tse nne kapa hlano kantle ho naha, ke maemo ao releng ho ona a ho bapala naha jwale le ho fofa morao hosane. Re itukisa dipakeng tsa dipapadi, hare fumane monyetla wa ho ikwetlisa ka kotloloho,” ho realo Khalil.

Khalil o llile ka dipapadi tse tlang ka sekgahla le ho nahanela dibapadi le sehlopha maemong a jwalo.

“Ke hopola sehla se fitileng ha sehlopha se seng sene se bapala ho CAF. Dipapadi tsa bona diile tsa tjhetjiswa le ho bapala morao.

“Re bapala dipapadi tsa CAF le dipapadi tse ding kaofela mme dihlopha tse ding ha dibapale letho pele dikopana le rona. Re emetse naha ka hoo re lokela ho nahana ka sehlopha le ka moo re shebang dipapadi.”

Khalil o hlalositse ha sena e se lebaka empa e le nnete ya se etsahalang mme a boela a hlalosa ha hona le sehlopha se moroa ka dipapadi le ha sesa bapale dipapadi tsa kontinente empa bona jwalo ka sehlopha se emetseng naha kontinenteng ba bapala dipapadi tse ngata ka nako e nyane.

Chiefs, e hlotse Al Masry ka 2 – 1 ho ihloma pele sehlotswaneng sa D ka dintlha tse 10 mme batla kena papading e mahlonoko mafelong a beke kgahlano le Zamalek.

Amakhosi, batla etela naheng ya Egypt moo ba hlokang ntlha e le nngwe kapa tse tharo ho fetela dipapading tse lateng.

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Chiefs o re mosebetsi o sale mongata