Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Edward Motale o dumela ha Pirates e tla hapa sehla.

Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates le Bafana Bafana Edward Magents Motale, o re o dumela ha Orlando Pirates e tla hapa sehla sa ha jwale sa dipapadi.

Motale o hlalositse ha Pirates e lwana le Sundowns e dulang e hapa sehla empa ntho difetohile sehleng sena hobane e kare ba kenwe ke mokgathala.

“Sundowns e bile bompudi nako e lelele empa ke dumela ha ntse ba kgathala mme re lokela ho sebedisa monyetla oo,” ho realo Motale.

Motale o buile le ka dibapadi tseo Pirates e nang le tsona pokellong ya tsona hore dina le bokgoni ba ho phethahatsa dintho.

“Le ntle le taba ya mokgathala wa Sundowns, rena le dibapadi tse ntle tse ka etsang mosebetsi sehlopheng.”

“Ke rata le se etswang ke mokwetlisi ka ho se dule le ho beya tshepo ya hae dipapading tse kgolo empa hofa bohle monyetla.”

Pirates, e lekana le Sundowns ka dintlha tafoleng ya Betway Premiership (25 points) mme e morao ka papadi papisong le Sundowns.

Dipapading tse 11, Pirates e hapile tse 8, ya bapala maleka papading e le nngwe mme ya lahlehelwa dipapading tse pedi.

Mafelong a beke ‘The Buccaneers’ batla bapala papadi ya bona e morao mme e bang ba e hapa, batla kotsomala semaratswana ka dintlha tse 28.

Pirates, e tla etela Durban City hosane ka moqebelo [29 Pudungwane] lebaleng la Moses Mabhida.

Papadi ena e tla thakgoha ka 15:30 mme boholo ba ditekete tsa papadi eo direkilwe hang ka mora ho bulelwa thekiso.

BALA HAPE: Dibapadi tse tharo tsa Pirates dikgutla ho okeng dikotsi