
Ouaddou o re Barker ke mokwetlisi ya hlwahlwa
Ka mora ho hlola Stellenbosch lekgetlo la bobedi sehleng sena, mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o re Steve Barker ke mokwetlisi ya hlwahlwa le sehlopha sa hae se matla.
Pirates e hlotse Stellenbosch papading ya makgaolakgang a MTN8 lekgetlo la bobedi ka tatellano mme kgetlong lena Pirates e hlotse tlasa mokwetlisi ya fapaneng.
Ouaddou o hlalositse ha diphetoho tseo a dietseng e le tsona tse bapetseng sehlopha papadi mme seo ha se mo etse mokwetlisi ya hlwahlwa ho feta Barker.
“Ke na le hlompho e kgolo ho mokwetlisi [Steve Barker]. Ke mokwetlisi ya hlwahlwa le sehlopha se matla se nang le boitsebelo empa ke thabetse hore re hlotse mohope,” ho realo Ouaddou.
“Hone ho se bobebe, re bapetse le Stellenbosch kajeno, sehlopha se bapalang dipapadi tsa CAF. Ho nna ke karolo ya tshebetso.”
Pirates, e etse diphetoho tse nne karolo ya bobedi ya papadi mme diphetoho tseo ke tsona tse hapetseng sehlopha papadi nakong e ekeditsweng.
“Diphetoho tseo ke dietseng ha dimphetole mokwetlisi ya hlwahlwa ho feta nako e fitileng. Ke nahana ke ntse kele mokwetlisi fela ho batho ba bang (plumber kapa carpenter). Ha ke nahane ke le hlwahlwa ho feta Barker.”
Ouaddou o se a hlotse Barker dipapading tse pedi sehleng sena. Papadi ya pele e ne e le ya Betway moo Pirates e hlotseng Stellenbosch ka ntlha ho noto (1 – 0).
Pirates e se e hapile MTN8 makgetlo a mane ka tatellano mme ke sona fela sehlopha se fihletseng nalane eo.
BALA HAPE: Orlando Pirates e tshireletsa mohope le ho etsa nalane
