Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Motale: Siwelele se ke ke sa hlola Pirates

Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates le Bafana Bafana Edward ‘Magents’ Motale, o lepile ha Orlando Pirates e tla feta mohwalotso ho Siwelele.

Pirates e tla thulana le Siwelele papading e ka ba behang dintlheng tse 50 e bang ba ka e hapa thapameng ya kajeno.

Puisanong le KickOff, Motale o hlalositse ha e ke ke yaba papadi e bobebe empa ha bone Pirates e ka hlolwa ke ho e hapa.

Ke dintlha tse tharo bakeng sa Pirates. E ka sebe papadi e bonolo empa Siwelele seka se hlole Pirates, ho realo Motale.

Motale o dumela ha Pirates ena le monyetla o moholo wa ho hapa dipapadi tsa bona tse setseng mme seo ka ba tswalla kgomo.

“I see Pirates winning all their remaining games. This confidence comes from the strong competition within the team.

“Ke bona Pirates etla hapa dipapadi tsa bona tse setseng. Boitshepo ba sehlopha botswa tlhodisanong e teng sehlopheng.”

Mohlodi enwa wa AFCON ka 1996 o hlalositse ha a sa tshwenyehe haholo ka Sundowns hobane wa tseba hore Pirates e tla iketsetsa mosebetsi wa bona.

“Pirates e bapala papadi e ntle, ba hlaba le dintlha le ho hapa mme kena le tshepo ya hore batla atlaha.”

Le ha hole jwalo, ka mora ho hlola Richards Bay, mokwetlisi wa Pirates Abdeslam Ouaddou, o ile a hlalosa ha Siwelele e leng se seng sa dihlopha tse matla tseo a kopaneng le tsona.

Pirates e tla amohela Siwelele lebaleng la Orlando mme papadi e tla thakgoha ka 15:30.

BALA HAPE: Cardoso o babatsa VAR ka mora tlholo ya bona