Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Eto’o o ema le qeto ya Senegal ya ho ngala papadi

Sebapadi sa mehleng sa naha ya Cameroon e bile e le mopresidente wa papadi ya bolo naheng eo Samuel Eto’o, o buile phatlalatsa ha a tshehetsa qeto ya Senegal ya ho ngala papadi.

Mokwetlisi wa naha ya Senegal o etse dimakatso ha a ne a laela dibapadi tsa hae ho tswa ka lebaleng la papadi ya makgaolakgang kgahlano le Morocco ka sontaha.

Qeto ena ya Pape Thiaw, e bakile ditaba dihana ho fela sedikadikweng sa papadi ya bolo moo ba bang ba dumelang ha a nyatsitse papadi.

Maikutlo a mang a hlalosa ha Thiaw a nkile qeto e nepahetseng ho botsa hose kgotsofale ke tshebetso ya baletsaphala le ha tshebediso ya VAR e le teng.

Eto’o o hlalositse ha le yena a ile a tlelwa ke mehopolo ya hore Cameroon e ngale papadi kgahlano le Morocco empa ya se tswelapele.

Hake nahane nka sola mokwetlisi wa Senegal. Pape o bonahetse a emela sehlopha sa hae. Ka nako e nngwe o lokela ho nka diqeto tse kotsi ho fumana seo o se hlokang. Qetellong Senegal e hapile mohope mme ke seo retla se hopola”, ho realo Eto’o.

Sebapadi sena sa mehleng sa Barcelona le Chelsea ke se seng sa ditho tse dulang dile ditabang tsamaisong ya papadi ya bolo kontinenteng.

“Le nna ke lehlatsipa la ho behelwa ka thoko ka lebaka la diqeto tseo ke hana ho dumellana le tsona.”

“Mohope wa ho tlohela papadi kgahlano le Morocco o bile teng moo motho a tlileng ka mohopo o jwalo ka lebaka la maikutlo.”

“Ke qeto e kotsi eo nkabeng ke e nkile empa ha ke ya e nka.”

Le ha netefaletso e so tswe ho CAF, menyenyetsi e kuma ha mehato e tla nkwa kgahlano le mokwetlisi wa Senegal.

BALA HAPE: Morocco e hlahletse tletlebo ho FIFA kgahlano le Senegal