
Papadi ya Kaizer Chiefs le Marumo Gallants e fetolelwa matsatsi
Papadi ya sehlopha sa Kaizer Chiefs le Marumo Gallants e neng e lokela ho bapala kala 28 Pherekgong e fetolelwa matsatsi.
Chiefs e ne e lokela ho etela Gallants kala 28 mme papadi eo e se e tla bapala kala 27 hona kgweding ena e le ho leka hofa Chiefs nako e lekaneng ya ho itukisetsa papadi ya bona ya CAF Confederation.
Amakhosi, ke seng sa dihlopha tse tharo tsa Afrika Boroa tse emetseng naha dipapading tsa kontinente sehleng sena mme boholo ba dipapadi tsa bona dibatla diameha ka tsela tse fapaneng.
Kajeno [20 Pherekgong] Chiefs e tla thulana le sehlopha sa Golden Arrows e le papadi ya Betway Premiership lebaleng la FNB ka 19:30.
Mafeleng a beke Amakhosi batla bapala leoto la pele le ZESCO United ya Zambia mme ba tobane le Marumo Gallants papading e tla bapalla lebaleng la Dr Rantlai Molemela ka mora moo.
Chiefs e batlang e fetohile sehleng sena, e dutse boemong ba bone tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership ka mora dipapadi tse 13.
BALA HAPE: Ditlabotjha dihlolela Sundowns papadi kgahlano le Orbit College
