Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Zwane le Sundowns ba fihlella tumellano ya katoloso

Sehlopha se hapileng bompudi ba kontinente [CAF Champions League] sa Mamelodi Sundowns, se fihleletse ditumellano le mokaptene wa bona.

Sundowns, e kene ditumellano tse ntjha le Themba Zwane ka mora hore nako ya ditumellano tsa pele e fihle pheletsong.

Zwane le sehlopha ba kene tumellano ya ho atolosa nako ya Zwane ka selemo le monyetla wa ho eketsa ha selemo seo se fihla pheletsong.

BALA: Broos ka Zwane: A ke ke a bapala metsotso e mengata

Sena se hlalosa hore Zwane e tlaba karolo ya sehlopha sehleng se tlang sa dipapadi ha sehlopha se lwanela ho tshireletsa maemo a bona le ho lwanela ho hapa mohopo oo wa Betway o lebileng ho Orlando Pirates.

Zwane ya dilemo di 36 o fihlile sehlopheng ka 2011 le ha a ile a leba ho Mpumalanga Black Aces ka kadimo ka selemo sa 2013.

Sebapadi sena se sehapile mehope e fetang 15 le Sundowns ho kenyeletsa Champions League tse pedi, sehla makgetlo a robong le e meng e mengata.

Zwane ke karolo ya lebotho letla emela Afrika Boroa mohopeng wa lefatshe mme tebello ke hore seabo sa hae e tlaba se seholo ho thusa sehlopha.

BALA: Broos o lohotha ho phomotsa dibapadi tsa Sundowns