Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Fernando Da Cruz: Batshehetsi ba Kaizer Chiefs ba tshwanelwa ke katleho

Mokwetlisi ya motjha wa Kaizer Chiefs Fernando Da Cruz, o buile lekgetlo la pele ka mora hore a tsibiswe jwalo ka mokwetlisi wa sehlopha.

Da Cruz ya satswa fihla ka hara Afrika Boroa o hlalositse ha a thabetse hoba teng sehlopheng sa batshehetsi ba tshwanetsweng ke katleho.

“Ke thabetse hoba kwano sehlopheng se dutseng haufi le pelo ya ka,” ho realo Da Cruz. 

“Kaizer Chiefs ke sehlopha we seholo ka batshehetsi ba lerato le hoba motlotlo ka nalane ya sehlopha sa bona.”

“Mosebetsi wa ka ke ho aha dikamano tse keneletseng le dibapadi, ho kenya kelello ya tlhlolo le ho sebetsa ka thata ho fihlela katleho e tshwanelang batshehetsi.”

Da Cruz ya kgutlelang sehlopheng ka mora ho dula nakwana e le motlatsa mokwetlisi Nasreddine Nabi, o hlalositse ha mosebetsi o le mongata mme o tla hloka hore ho sebetswe ka thata.

“Leeto leo retla kena ho lona letla batla ho sebetswe ka thata le kopano empa kena le tshepo hore retla hlola diphepetso tsa rona.”

Chiefs e lebeletswe ho qala ka boikwetliso ba yona pele e kena leetong moo batla tshwarela boikwetliso ba sehla setlang.

BALA: Royale Union Saint-Gilloise e tsibisitse Mofokeng semmuso le nomoro ya tla e sebedisa