Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

PSL e tla tsibisa bathongwa ba dikgau tsa selemo kajeno

Mokgatlo o tsamaisang bolo Afrika Boroa o ikemetseng wa PSL, o phatlaladitse ha o tla tsibisa ba thongwa ba dikgau tsa selemo kajeno.

PSL e tsibisitse ha lenane la mabitso a dibapadi tse ipabotseng ka makgabane sehleng se fitileng, a tla qotisana lehlokwa bakeng sa dikgau.

Dikgau tsena ditla kenyeletsa mehope kaofela e teng ka hara PSL ho kenyeletsa Motsepe Foundation Championship le DSTV Diski Challenge.

Dikgau tse tla tonelwa mahlo haholo ke kgau ya sebapadi sa selemo, sebapadi se kgethwang ke dibapadi tse ding, sebapadi sa bohareng ba lebala le sebapadi se senyane sa selemo.

Tebello ke hore sehlopha sa Orlando Pirates setla matha pele ka bonkgetheng ho latela katleho ya bona ya sehla se fitileng ya mehope e meraro.

Sebapadi sa jwale sa Royale Union Saint-Gilloise Relebohile Mofokeng, ke thatohatsi ho tsamaya ka dikgau tse leshongwana ho latela seabo sa hae.

Phatlalatso ena e tla etswa ka hora ya bobedi [14:00] mme mekgahlelo eo batho ba lokelang ho kgetha ho yona e tla tsibiswa.

BALA: Fernando Da Cruz: Batshehetsi ba Kaizer Chiefs ba tshwanelwa ke katleho