Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Booth o tshwaetse maikutlong a ntseng a matha ka Ime Okon

Sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana le Mamelodi Sundowns Mathew Booth, o tshwaetse ka lerata le teng ka sebapadi sa Bafana Bafana Ime Okon. 

Okon ke sebapadi se bapalang naheng ya Germany sehlopheng sa Hannover mme ke letswalla la kwano Afrika Boroa le ha ntatae e ne le e letswalla la Nigerian, empa mmae ke letswalla la Afrika Boroa.

Booth, o ne a arabela lerateng le teng la hore Okon ha lokela ho bapalla Afrika Boroa le ha a na le tsohle ho ka apara mebala ya naha.

“Papadi ya bolo e pepesa bobe ba rona le tse ding hobane ke papadi e kgolo e bile e le bohlokwa metseng ya rona,” ho realo Booth.

“Ho bonahala bothata bo boholo ntlheng ya bajaki (immigrants) mme ke dumela ha bohle re bona seo mme seo se fetetse papading ya rona ya bolo e leng ntho e fosahetseng.”

Booth ya bapalletseng Bafana Bafana, o hlalositse ha ka nako ya hae a saba le mathata a ho kgetholwa le ho bitsollwa ho latela lebala la hae.

“Ke hobaneng ha a hlaselwa empa kesa hlaselwe. Fane ya ka ke Booth e leng fane ya manyesemane [English]. Hobaneng ke saka ka hlaselwa empa ke ile ka amohelwa papading ya bolo moo mmalwa, le tse ding disa natsweng.”

“Ke bona e le ntho e swabisang ho bona e etsahala empa re lokela ho amohela hore ntho tse etsahalang ho marangrang hase tse etsahalang bophelong ba rona. Ntho eo nka e netefatsang ke hore o amohetswe ke dibapadi mmoho mme ke tshepa ha atla phuthuluha hobane ke sebapadi senang le neo e makatsang (fantastic talent).”

BALA HAPE: Orbit e fetola lebala bakeng sa papadi kgahlano le Chiefs