
FIFA e roba melawana ya kgefutso ho kenya dibini
Mokgatlo o tsamaisang bolo lefatsheng wa FIFA, o ikemetseng ho roba e meng ya melawana wa ona ya kgefutso.
FIFA, e rerile ho eketsa nako ya kgefutso ho tloha metsotsong e 15 hoisa metsotso e 30 ho fana ka monyetla ho dibine ho thabisa letshwele.
Ketsahalo ena e tla tshwana le e bang teng tlhodisano ya Super Bowl moo dibine dikenang ka lebaleng ka nako ya kgefutso.
Tsena tsohle direretswe ho etsahala papading ya makgaolakgang moo dibine tse jwalo ka Madonna, Shakira, BTS, Justin Bieber le ba bang batla thabisa letshwele.
Phetoho ena ke e nngwe ya tse mmalwa tseo FIFA e tlang kapa itlileng ka tsona mohopeng ona wa lefatshe naheng ya America, Mexico le Canada ka kopanelo.
BALA: Relebohile Mofokeng o ngola molaetsa ho leboha Pirates
