
Broos o latola ho fana ka dikeletso mokwetlisi a tla latela
Mokwetlisi ya lebeletsweng ho arohana le sehlopha wa Bafana Bafana Hugo Broos, o hlalositse ha a ke ke a fana ka dikeletso mokwetlisi ya tla latela wa sehlopha.
Broos o buile sena ka mora potso ya hore o tla thusetsa ho eletsa mohlahlami wa hae empa letswallwa lena la Belgium la latola seo.
“Hase ntho ketla e etsa eo,” go realo Broos.
“E bang hona le mokwetlisi ya motjha, o lokela ho etsa seo a lokelang hose etsa ka tsela ya hae.
Ha hloke ho mmamela kapa ho fuwa dikeletso ke nna. O tla tseba seo a hlokang ho se etsa.”
Brood ya fetotseng sebopeho sa sehlopha sa naha, o hlalositse ha mokwetlisi yatla latela a tla fumana sehlopha se matla a ho bapala dipapadi tse matla.
Tebello ke ho bona e bang Broos o tlahle a tsamaye sehlopheng kapa o tla dula nakonyana jwalo ka ha a ile a lepa ha a nahanisisa taba ya ho tlohela sehlopheng.
BALA: Ntata Langelihle Phili o batla mora wa hae a lebe mose
