
Relebohile Mofokeng o ngola molaetsa ho leboha Pirates
Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates Relebohile “Rele” Mofokeng, o ngotse molaetsa ho leboha sehlopha ka tsohle ka nako ya hae sehlopheng.
Mofokeng, o tekenne ke sehlopha sa Belgium Royal Union Saint-Gilloise pele ho mohope wa lefatshe empa dihlopha ka bobedi tsa emela sebapadi ho qeta pele ho diphatlalatso.
Rele, o lebohile bohle sehlopheng ka dikarolo tse fapaneng tseo ba dibapetseng ho tloha ka nako eo a neng a leng ntshetso peleng ya sehlopha.
Ke ngola molaetsa ona ka pelo e tletseng teboho, boikgantsho e le ha ke leboha le ho sadisa sehlopha sa Orlando Pirates hantle,” ho realo Mofokeng.
Mofokeng o lebohile bohle go tloha ho modulasetulo Dr Ivin Khoza, bokwetlisi ba sehlopha, batshehetsi ba sehlopha le batshehetsi ba ditjhelete.
“Ke tla dula ke hlompha tsohle tseo sehlopha sena se dientseng ho nna. Hoba karolo ya sehlopha sena ho nfetotse motho.”
Sebapadi sena se boitukisong ba sehla setlang le sehlopha sa hae se setjha moo a tla thulana le mo’Afrika Boroa e mong Shandre Campbell ya bapallang Club Brugge KV.
BALA: Sebapadi sa Sundowns se tloha ho Durban City ho leba ho Stellenbosch
