
Bohlaswa tsamaisong ya SAFA bo kenyetsa Afrika Boroa mahlo hape
Sehlopha sa naha Bafana Bafana se hlotswe ke ho kena leetong ho leba naheng ya Mexico bakeng sa boitukisetso ba dipapadi tsa mohope wa lefatshe o setseng ka matsatsi ka lebaka la mangolo [Visas] tse seng hantle ba keng sa dibapadi.
Afrika Boroa e ne e lokela e be e kene leetong la moqebelo empa phalo ya ema le lesemelo ka mora hore ho fumanehe ha mangolo a dibapadi le ditho tse ding tsa sehlopha a ho kena America a sa hlaka.
Ketsahalo ena, e buseditse sehlopha morao ka matsatsi ao ka ona ba kabeng ba lebile Mexico ho fihla ka nako le ho itlwaetsa makgulo le maemo a lehodimo naheng eo.
BALA: Mvala o kgutlela ka lebaleng ka mora kotsi ya nako e lelele
Letona la dipapadi Gayton McKenzie, o ngotse ho X [former Twitter] ho bontsha kgalefo ya hae ka tsena tsohle le ho hlalosa ha SAFA e lokela ho fana ka raporoto ho hlalosa sesosa sa tsena tsohle.
Ho phoqahala ha Bafana Bafana matsohong a SAFA, ke bothata bo ntseng boja setsi jwalo ka ha mokgatlo o ja tlwae ka ho etsa diphoso tse hlahisang sehlopha hampe lefatsheng le ho bontsha ho hloka boiphihlelo tsamaisong ya mokgatlo.
Ho ya ka phatlalatso ya moraorao ya letona, sehlopha setla tswa ka hara naha hoseng ha kajeno le ha hona le ditho tse tla sala ho latela tshallo morao ya ditokomane tsa ho kena America
Afrika Boroa ke yona e tla bula mohope ona wa lefatshe kgahlano le naha e amohelang baeti ya Mexico ka la 11 Phupjane.
BALA: Ngaka ya SAFA e hlalosa boemo ba kotsi ya Modiba le Morema
