Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Gallants e latswa tlholo ya pele ya 2026

Sehlopha se dutseng bobeng sa Marumo Gallants, se latswitse tlholobya sona ya pele ya selemo sa 2026 ka mokgwa o tsotehang.

Gallants, e hlotse Chippa United ka 3 – 1 papading e bapalletseng lebaleng la Buffalo City, toropong ya East London laboraro bosiu.

Dintlha tsa Gallants, dikene karolong ya bobedi ya papadi sehlopha se bile se lelekisa papadi ka mora hore Chippa e hlabe ntlha karolong ya pele ya papadi.

Ndabayithethwa Ndlondlo, o hlabile ntlha ya pele ha Msindisi Ndlovu a tla hlaba ntlha ya bobedi.

Ntlha ya boraro ya Gallants, e kene ka Mohamed Doumbia ho hapela ‘Bahlabane ba ntwa’ papadi ya bona ya pele ka 2026.

Pele ho papadi kgahlano le Chippa, Gallants e bapalletseng dipapadi tse 9 ntle le ho latswa tlholo.

Nakong ya matsatsi a mabedi pele ho papadi, sehlopha ke ha se tsibisa ka qeto ya ho behella mokwetlisi wa bona Alexandre Lafitte ka thoko nakwana mosebetsing ka ho tlola e meng ya melawana.

Le ha ba hlotse papadi, Gallants e ntse e dutse bobeng moo ba lekanang le Orbit College e dutseng maemong a 14 ka dintlha (18 points) ka mora dipapadi tse 20.

BALA HAPE: Ntwa ya boemo ba pele ho Betway e tswelapele