Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Luxolo September o fanne ka tlaleho ya moraorao ya CAF

Hlooho ya thelevishene le dipuisano (television and communications) ya CAF Luxolo September, o ntshitse maikutlo ka ditaba tse ntseng dimatha ho marangrang ka mora makgaolakgang a AFCON a bakileng ditaba.

Puisanong le leng la masedinyana a Afrika Boroa, September o hlalositse ha batho ba batla ho utlwa ka mehato e seng e nkuwe empa jwalo ka CAF ba ke ke ba potlakela ho nka diqeto.

“Kena le bonnete ba hore batho ba batla ho utlwa re re retshwere batho ba molato empa re lokela ho latela melawana,” ho realo September.

Ntho e nngwe le e nngwe e etsahetseng ka letsatsi leo [makgaolakgang] e tlasa diphuputso. Bohle ba belaelwang ka ho roba melao batla fuputswa. Taba ena e shejowe ka kelohloko ke CAF.

September o hlalositse ha a sa tsebe ka taba ya Morocco ya ho leba lekgotleng la dinyewe le ha lengolo le bile teng le bontsha Morocco e hlahletse tletlebo ho CAF.

Setho sena sa tsamaiso sa CAF, se hlalositse ha taba ya ho behellwa ka thoko ha mokwetlisi wa naha ya Senegal, e le ditaba tse senang motheo mme CAF haeso etse qeto ya mofuta oo.

September o phethetse ka ho hlalosa ha CAF e seka sekana le taba ena mme etla fana ka tlaleho hang ha nako e dumela.

BALA HAPE: Cedric Kaze le Manqoba Mngqithi haba kgotsofala