
Mosimane o lla ka dintho tse pedi ka mora papadi ya hae ya pele
Le ha a hapile papadi ya hae ya pele a kgutletse sehlopheng sa naha, mokwetlisi wa Bafana Bafana o llile ka dintho tse pedi tseo e leng tlhoba boroko.
Pitso Mosimane, o bontshitse ha hose sebedisi menyetla ha sehlopha ho hlaba dintlha, e kaba bothata bo boholo kgahlano le dihlopha tse matla.
Bafana Bafana ba hlotse Guinea ka 2 – 1 papading eo ba bileng le menyetla e fetang hlano e totobetseng empa ba hlolwa ke ho e sebedisa.
Mosimane, o bontshitse ha sena e kaba bothata kgahlano le dihlopha tse hlokang mohau ha difumane menyetla.
Ntlha ya bobedi eo Mosimane a llileng ka yona ke botshehetsi bo tlase mabalang ka nako eo sehlopha sa naha se bapalang.
Mosimane o hlalositse ha tshehetso ya balatedi e bapala karolo e kgolo sehlopheng mme e ka thusa le ka tshebetso e ntle ya dibapadi.
Batshehetsi ba bile teng ka bongata papading empa lebaleng la Orlando Amstel Arena, lene lesa tlala jwalo ka tlwaelo haho bapala sehlopha sa lapeng.
Sehlopha setla nka leeto ho leba Egypt moo setla bapala papadi ya bobedi eo ba lokelang ke ho e hlola kgahlano le Eritrea.
Afrika e tlasa kgatello ya ho qeta e le boemong ba pele hore e fumane monyetla wa ho bapala ho AFCON jwalo ka ha Kenya e tla feta le ha e ka qeta e le mohatleng.
BALA: Mosimane o qala leeto la bobedi la bokwetlisi ka tlholo
