
McCarthy o ntsha lebitso la mokwetlisi a ka latelang wa Bafana
Mokwetlisi wa mehleng wa bahlabadintlha sehlopheng sa Manchester United eo ha jwale a kwetlisang naha ya Kenya Benni McCarthy, o ntshitse maikutlo a hae ka mokwetlisi ya ka latelang sehlopha sa naha sa Bafana Bafana.
Puisanong ya hae le Robert Marawa ho MSWon947, McCarthy o hlalositse ha a dumela Pitso Mosimane e kaba yena mokwetlisi ya tshwanelwang ke ho kwetlisa Bafana Bafana.
Mokwetlisi Pitso o na le tshehetso ya ka tshebetsong eo, ke dumela ha a tshwanelwa ke monyetla o mong wa ho kwetlisa Bafana Bafana, ho realo McCarthy.
Ke mokwetlisi ya fihleletseng tse kgolo wa kwano lapeng. O entse tse kgolo le ho re bulela menyako jwalo ka bakwetlisi.
Potsong ya hore yena a ka nka mosebetsi wa ho kwetlisa naha ya Afrika Borwa, McCarthy o hlalositse ha a lokela ho tsofala le ho ba le boiphihlelo jwalo ka Hugo Broos pele a ka nka qeto eo.
“Boiphihlelo boo ke bofumanang naheng ya Kenya bo bapala karolo e kgolo empa ke dumela ha ntse kele monyane bakeng sa mosebetsi oo.”
Kesa batla ho sebetsa le dipapadi letsatsi le letsatsi papisong le ho sebetsa le sehlopha ka mora dikgwedi le teng ke sebetse le tsona bakeng sa beke fela. Ke batla ho dula le sebetsa ho ho sibula papisong le ho kwetlisa sehlopha sa naha.
Tebello ke hore tumellano ya SAFA le mokwetlisi Broos, e fihle pheletsong ka mora mohope wa lefatshe mme mokgatlo o lokela ho batla mokwetlisi ya tla kwala sekgeo seo.
