Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Germany e phetha nalane ya 2014 ka Curacao

Naha e hapileng mohope wa lefatshe ka 2014 ya Germany, e hlotse Curacao ka palo e hodimo ka go fitisisa ya dintlha mohopeng ona wa lefatshe.

Germany, e hlotse Curacao ka 7 – 1 papading ya sehlotshwana sa E. Curacao eo e leng sehlekhleke ba palo e ka tlase ho 500 000 ya batho, e bapala mohopeng wa pele wa lefatshe.

Dintlha tsa Germany dikene ka:
Felix Nmecha (6′)
Nico Schlotterbeck (38′)
Kai Havertz (45+5′ penalty, 88′)
Jamal Musiala (47′)
Nathaniel Brown (68′)
Deniz Undav (78′)

Ntlha ya Curacao, e hlajowe ke Livano Comenencia e bile e le ntlha ya bona ya pele mohopeng wa lefatshe.

BALA: McCarthy ona le tumellano ya hore sehlopha setla kgutla

Germany e phithile nalane ka tlholo ya bona ya 7 – 1 jwalo ha e kile ya hlola Brazil ka palo eo ya dintlha ka 2014 mme ya hapa le mohopeng wa lefatshe.

Dipapadi tsa mafelo a beke:

🇶🇦 Qatar 1–1 Switzerland 🇨🇭
🇧🇷 Brazil 1–1 Morocco 🇲🇦
🏴󠁧󠁢󠁳󠁣󠁴󠁿 Scotland 1–0 Haiti 🇭🇹

🇦🇺 Australia 2–0 Turkey 🇹🇷
🇩🇪 Germany 7–1 Curaçao 🇨🇼
🇳🇱 Netherlands 2–2 Japan 🇯🇵
🇨🇮 Ivory Coast 1–0 Ecuador 🇪🇨
🇸🇪 Sweden 5–1 Tunisia 🇹🇳

Dipapadi tsetla bapala kajeno:

🇪🇸 Spain vs 🇨🇻 Cape Verde — 18:00 SAST
🇧🇪 Belgium vs 🇪🇬 Egypt — 21:00 SAST

BALA: Shandu o leboha Pirates ka mora dilemo sehlopheng