
Letona McKenzie: Batshehetsi ba 16 batla leba mohopeng wa lefatshe
Letona la dipapadi, bonono le setso Gayton McKenzie, o phatlaladitse ha batshehetsi ba lehlohonolo ba 16 batla leba mohopeng wa lefatshe ka tshehetso e ikgethileng ya ditjhelete le tshebedisano mmoho le lefapha.
McKenzie o entse phatlalatso ena kopanong e bileng teng ka labone moo a hlalositseng dintlha tsa tlhodisano, ho kenela le tsela eo e tla sebetsa ka yona.
“Tlhodisano ena e tla tshehetswa ke dikgwebo tse pedi tse kgolo lehlakoreng la ditjeho (dipalangwang, marobalo, dijo) mme retla tsibisa mabitso a tsona haufinyana,” ho realo letona McKenzie.
Lefapha letla thusetsa ka dintlha tsa di’visa le ntlheng tsa ditekete tsa dipapadi. Retlo nka batshehetsi ba 16 mme tsohle ditla lefellwa ke batshehetsi ba ikemetseng.
“Kgetho ya batshehetsi bao e tla etswa ke ditho tse ikemetseng dipapadi ho kenyeletsa baqolotsi ba papadi ya bolo, dibohodi, boradinepe le ditho tse ding papading ya bolo.”
McKenzie o qheletse ka thoko taba ya hore tlhodisano ena ke ya ‘Super fans’ ka ho hlalosa ha e le ya batshehetsi ba lehlohonolo ‘Lucky fans’.
“Ho kenela ho bobebe, o romela kgatiso ya metsotswana e 30 o apere mebala ya sehlopha sa hao le ho hlalosa lebaka la hore ho kgwethwe wena. Baahlodi batla kgetha.”
Letona McKenzie le hlalositse ha batla sebedisana le mehlodi e fapaneng ya diphatlalatso le hore tse ding tsa dintho ka tlhodisano ena dutla phatlalatswa ha mela o ntse o puta.
BALA HAPE: Cardoso o re ba ke ke ba llela lebese le qhalaneng
